“Dikgomo tsa rona di hlwekisa motse.” Ana ke matswe a badisana ba disang dikgomo ka hara lekweishene la Botshabelo. Badisana ba re setjhaba se lokela ho leboha dikgomo tse fulang ka hara motse hobane ba re di tlisa bohlweki.
Empa setjhaba sa Botshabelo sona se re kannete ha hona mohla se tla thabela ha dikgomo di ntse di fula kahara motse. E mong wa badisana ba dikgomo, Molise Tsoeu o re ha a tsebe hore na batho ba tshwenywa ke eng ha dikgomo di fula kahara motse. Molise o re jwang bo nnoneng bo bongata kara metsana ya Botshabelo. Molise o re le ha batho ba le kgahlanong le ha dikgomo tsa bona di fula ka hara motse, seo ba lokelang ho se etsa ke ho leboha dikgomo.
“Ha re etse tlolo ya molao jwalo ka ha batho ba nahana jwalo. Dikgomo tsena tsa rona ha di utswe ebile ha di etse lerata kapa hona ho lwantsha batho,” ho rialo Molise.
E mong wa baahi, Malefu Mmutla o re yena lekweishenene la Botshabelo le tswetsepele haholo hore ba ka phela le dikgomo kapa diphoofolo tsa mofuta ofe kapa ofe. O re bothata ke hore dikgomo tsena ha di shebane le jwang feela. Malefu o hlalositse hore, ho na le dipoho tse tshosang tse ka hlaba batho ka manaka a tsona. O re hape, ha motho a leka ho kgalemela badisana, ba ya bahlapaola.
“O tla fumana motho wa bona a o sheba hampe ha o leka ho mo kopa ho tlosa dikgomo pela jarete ya hao. Nna nkeke ka dumella taba yena ya bona,” ho hlaolsa Malefu.
Mokhanselara wa metsana ya di A le di B, Ramakatsa Mohlabane o re ho na le dibaka tseo mmasepala o di hlwaileng bakeng sa diphoofolo tse sa dumellwang ho fula ka hara motse. O re o hopola ketsahalo e nngwe mmo ngwana a ileng a lematswa ke pere hampe ha a leka ho e thiba hore e seke ya ja meroho ya mmae. “Ke tla bua le baokamedi baka ho batla keletso mabapi le taba yena,” ho rialo Mohlabane.
Muelli wa sepolesa, Martin Xuma o re e bang batho ba tshosetswa ke badisana, ba lokela ho tlaleha taba ena sepoleng se haufi. – Matseko Ramotekoa
[email protected]
Date:
Dikgomo tse fulang hara motse di kgathatsa baahi
Molisana le tse ding tsa dikgomo tse fulang ka hara e meng ya metsana ya Botshabelo.
PHOTO: MATSEKO RAMOTEKOA







