Dipere di ratwa le ho sebediswa jwalo ka dipalangwang ke batho lefatshe ka bophara. Empa kgweding ena ya dipalangwang, ngwana o senyehile sebopeho le tshobotsi ka lebaka la sepalangwang sena se ratwang haholo. Rethabile Macheli ya dilemo tse supileng o lwanela bophelo ba hae sepetleleng sa Pelonomi Bloemfontein. Ka mora hore a ntshwe kotsi ke pere, ka la Moqebelo motsaneng wa di D lekweisheneng la Botshabelo
Mme wa hae e leng Ntsoaki o tshwenyehile haholo ke ketsahalo ena e hlahetseng moradinyana wa hae wa ho feela eo e leng moithutwana wa sehlopha sa pele sekolong sa Ditholwana. Ntsoaki o re Rethabile o ne a ntse a ipapalla ka jareteng yabo ha modisana eo lelapa le mo tsebang a tla fihla a palame pere. Mme mohlankana eno o ile a theoha pere pela jarete ya bona. E re kaha Ntsoaki ya sa sebetseng a ena le tsingwana ya meroho, o ile a kopa modisana ho hlokomela hore pere ya hae ha e kene ka jareteng ya hae. Empa Ntsoaki o hlalositse hore modisana ha a ka a bontsha ho tsotella. ” Bakeng sa hore a thibe pere ha e kena ka hara jarete yaka, o ile a itsamaela a e tlohella feela.
Ntsoaki ya neng a shebane le mesebetsi e meng ya lelapa o re Rethabile o ile a betwa ke pelo ha a bona pere e iketsetsa boithatelo ka jareteng yabo. Ka ho se hlokomele kotsi e neng e tobane le yena, Rethabile o ile a lelekisa pere a leka ho e kgalemela le ho e kgannela ka ntle. Ha tsena di etsahala, Ntsoaki o ne a le ka tlung. ” Ke ile ka nyaroha haholo ha ke utlwa modisana a re hwelehetsa a re pere e rahile ngwana,” ho rialo Ntsoaki.
Ka letswalo le leholo, Ntsoaki o ile a mathaela ka ntle ele ha ane a lo ikgodisa hore na seo modisana a se bolelang ke nnete. Empa jonna wee! Ntsoaki wa batho o ne a emetswe ke ntho e bohloko haholo eo a kekeng a e lebala bophelong bohle ba hae. Ha a fihla kantle lebaleng la ntlo, Rethabile wa hae o ne a kakalletse fatshe. O ne o sa bontshe bophelo ha madi a mangata a kopotsa sefahlehong sa hae. ” Ke ile ka ferekana. Mme, ka kakasa ngwanaka ya neng a hemela fatshe ka mathela ho bahaisane ho kopa thuso,”
Ntsoaki ya ntseng a tshohile kamora ketsahalo ena o re, ka boikgohomoso boboholo, ke ha pere itsamela jwalo ka ha eka e qeta ha hapa kgau e kgolo ha moradi wa hae ya neng a le makgatheng a lefu a lwanela bophelo. Ka lehlohonolo, baahaisani ba Ntsoaki ba ile ba potlakela ho isa moradi wa hae tliniking moo a ileng a fumantshwa thuso. Hoba baoki ba thibe madi a neng a phalla ho Rethabile, o ile a fitisetswa sepetlele sa Botshabelo moo a ileng a fumantshwa thuso ke dingaka. Mme ka hlokomela hore kotsi ya ngwana e mpe haholo, ngwana o ile a fitisetswa sepetlele se seholo sa porofensi ya Foreisetata e leng Pelonomi moo a eleng ka tlasa tlhokomelo e kgolo ya dingaka tsa mmuso. Ntsoaki o re ka tshepo ya hore monga pere o tla ba le kutlwelo bohloko, ba ile ba mo letsetsa mohala ho mo hlalosetsa ka se etsahetseng. ” Ke qala ho bona motho ya pelo e thata jwalo. Bakeng sa hore a tlo ikgodisa seo pere ya hae e se e ntseng, o ile a bolela hore yena a keke a jara boikarabello ba yona mme a bolela hape hore o ne a sa e roma hore e lo raha Rethabile,” ho hlalosa Ntsoaki.
Lesedinyane la Voice le ile la letsetsa monga pere mohala. Mme o ile a hlalosa hore yena o ne a sa palama pere nakong ketsahalo eo. O ile a re,
“Ha ke utlwisise hore na hobaneng ke buletswe nyehwe. E re kaha ke buletswe nyehwe le ha ke ne ke sa palama pere, ke se ke tla emela letsatsi la qoso.”
Sajene Martin Xuma o re nyehwe e butswe ke mapolesa a Botshabelo. Mme Xuma o hlalositse hore sepolesa se etsa diphuputso kgahlanong le nyehwe ena. ” Nyehwe e buletsweng monga phoofolo ka ya hore o ile a hloleha ho e thibela ho hlahisetsa motho e mong kotsi,” ho rialo Xuma.
Kamora ketsahalo ena e soto, sepolesa se etsa boipiletso ho boramehlape ho ba hlokolosi haholo. Mme sekopile boramehlape ho etsa bonnete ba hore ha e bake tshitiso kapa kotsi ho baahi. Ho ya ka sepolesa, boramehlape ha ba a dumellwa hore ba e tlohelle e tsekela ka hara metse. –Â Matseko RamotekoaÂ
info@centralmediagroup.co.za