E Copy

Date:

Lerato la mebutlanyana le fa monnamoholo thabo

Monnamoholo o thabiswa ke mebutlanyana ya hae. Ntate moholo Motloheloa Leponesa o dula motsaneng wa di A lekweisheneng la Botshabelo. O re ha a sa hola, o ne a thabela ho tsoma diphoofolo tse hlaha haholo. Mme le ha e ne e le setsomi se hlwahlwa, monnamoholo o hlalositse hore o ne a sa thabele ho bona diphoofolo di hlokofatswa. Dilemo tse leshome tse fetileng, ka ho hlokomela hore ha a sana matla a ho tsoma, monnamoholo Leponesa o ile a tlelwa ke mohopolo wa ho qalella ho reka mebutlanyana e rekiswang. Ka tjheletenyana e nyane eo a nang le yona, o ile a reka e mmedi. O motona le o motshehadi. Mme kamora nako e seng kae, ke ha mebutlanyana ya hae e ata. O motshehadi o ile wa tswala madinyane a mangata. “Sena se ile sa nthabisa haholo ha ke hlokomela hore mebutlanyana yaka e ata kapele,” o hlalositse jwalo.
Monnamoholo Leponesa o tswetsepele ka ho hlalosetsa Voice hore, lebaka le etsang hore a rate mebutlanyana ke hore ke diphoofolo tse bonolo. Mme di kgona ho itjella ditlamatlama tse kang meroho. O re hape se mothabisang ke hore di bohlale, mme di kgona ho tlwaela mekgwa eo a di rutang yona kapele. Le ha a ruhile mebutlanyana e fetang leshome le metso e mehlano, o re ha a je nama ya tsona. Ho yena di tshwana le bana kapa metswalle e mo tlosang bodutu. img-20160820-00632
“Maikemesitso a ka ke ho rua mebutlanyana e mengata haholo. Lebaka ke hobane takatso yaka ke ho bona bana baka le ditloholo tsaka ba tseba haholwanyane ka diphoofolo tsena tse ratehang,” ho rialo monnamoholo Leponesa.
E re kaha mebutlanyana ya monnamoholo e ata kapele, o etsa bonnete ba hore ho qoba tshubihlellano, o rekisa e meng. Sena se mo thusa hore a kgone ho e hlokomela hantle, ntle le ho tobana le mathata a kang a ho e fepa. ” O tsebe o le mong o kgona ho tswala madinyane a fetang leshome. Mme e re kaha ke sena sebaka se seholo, ke kgona feela ho boloka palo e itseng. Jwale, ho rekisa e meng ke mokgwa o motle wa ho etsa hore maemo a be taolong,” monnamoholo o buile jwalo.
Se mokgathatsang ke hore, ho na le batho ba sa thabeleng diphoofolo tsena tse senang kotsi. O ile a sithabela maikutlo ha a hlalosa hore, ha ho ka etsahala hore di tswe ka hara ntlwana ya tsona, hang feela batho ba babang ha ba di bona ba ya di hlokofatsa mme ba di bolaye. ” Boipiletso baka ke hore batho ba tlohelle ho hlokofatsa mebutlanyana kapa diphoofolo tsa mofuta ofe kapa ofe. Di hloka lerato le tshirelletso jwalo ka batho,” ho qetella monnamoholo Leponesa. – Matseko Ramotekoa
info@bloemfonteincourant.co.za

Share post:

Popular

More like this
Related

R6 million allocated for Bloemfontein Zoo revamp

Mangaung Metro targets full reopening by 2028, plans major...

Universitas Hospital unveils first of its kind surgical robotics system

Universitas Academic Hospital has made history with the official...

Free State Mortuary backlog: 42 autopsies still pending amid urgent efforts

The Free State Department of Health has confirmed that...

Bloem schools bold about bullying

Bullying is more than just verbal or physical abuse...