Ho tloha bonyaneng, ha e sa le e le toro ya DJ Thabiso Setlai ho rekotata alebamo ya mmino wa house. DJ ena e ikemiseditseng ho phatlalatsa alebamo ya hae ya pele ka Paseka o dula motsaneng wa D lekweisheneng la Botshabelo. Lerato lena la mmino le ile la sitisa Thabiso ya dilemo di mashome a mabedi a nang le metso e mmedi ho qeta di thuto tsa hae tsa sekolo sa mathamo. O re e re kaha o ne a rata mmino haholo, o ile a qetella a iketseditse katara ka mehala ya koloi e robehileng. Ho ya ka Thabiso, o ile a hlokomela hore mmino wa hae o thabisa bana ba bang haholo. Ho paka hore ruri Thabiso o ne a rata mmino e le kannete, ha seyalemoya se ne se robehile, o ne a etsa maqheka a hore a selokise. “Ke hopola ka le leng la matsatsi, e mong wa mesuwe yaka o ile a mphumana ke shebane le ho lokisa seyalemoya se neng se robehile ka hara phaposi ya ho rutela. Sena se ile sa nkenya mathateng,” ho rialo Thabiso.
O re qetellong o ile a tlohella sekolo hobane a ne a batla ho bokelletsa tjhelete e lekaneng ho hatisa mmino wa hae. E re kaha o ne a sena thuto e batsi, o ile a fumana mosebetsi wa ho hlwekisa di jarete toropong ya Bloemfontein. Ho nkile dilemo tse fetang leshome a ntse a reka thepa e sebediswang ho hatisa mmino. Empa kamora ho sebetsa ka thata le ho bokella thepa yohle eo a neng a e hloka, o re o ile a hlahelwa ke bomadimabe. ” Mashodu a ile a ntjhwatlela a nka tsohle tseo ke neng ke disebelleditse ka thata,” ho hlalosa Thabiso.
Ho etsa bonnete ba hore batho ba motse wa habo le baletedi ba hae ba tseba haholwanyane ka mmino wa hae, Thabiso o bapala meketjaneng e fapaneng. O na le tumelo ya hore ho bapala meketjaneng ke sona se mo thusang ho ba le boiphehlelo bo boholo. O re la ha a soka a fihla sehlohlolong jwalo ka bo DJ Black Coffee le ba bang, o na le tshepo ya hore ka le leng la matsatsi o tla fumana monyetla wa ho sebetsa le bona. ” Ke iqapela le ho hlophisa mmino waka ka bonna,” ho rialo Thabiso.
Thabiso ya nang le maikemisetso a maholo o hlalositse hore jwale kaha taba ya hae e ne ele ho bona toro ya hae e phethahala, ha aka a fellwa ke tshepo. O ile a qalella hape ho bokella thepa e nngwe hape. O hlaloseditse lesedinyana la Voice hore ho bokella thepa e nngwe hape e maemong a ho ba le studio seo e leng sa sae ho hatisa mmino ho monkile dilemo tse fetang bohlano. E re kaha o ne a se a tseba hore na o hloka eng, o ile a sebetsa ka thata e tsa bonnete ba hore o bokelletsa diletswa tse ngatanyana tsa mmino. Le ha Thabiso a ntse a hlwekisa dijarete le kajeno, o re haele alebamo ya hao yona e se e lokile. ” Ke tsamaile leeto le letelele haholo. Feela ha ke so lahle Tshepo,” ho qetella Thabiso. – Matseko Ramotekoa
info@bloemfonteincourant.co.za
Date:
DJ Thabiso Setlai